Bophelong ba rona ba mmele le ba moya, kamehla ho na le diteko le ditshitiso tse ngata. Nakong e fetileng, ha Baiseraele ba ne ba tobane le diteko tse kgolo—lehwatata le se nang metsi le dijo le naha ya Kanana e neng e ahilwe ke dinatla, Joshua le Kalebe ba ile ba beha tshepo ya bona ho Modimo feela. Jwaloka bona, re hloka tumelo ho bona monyako wa tshepo oo Modimo a re buletseng wona hara mathata.
Feela jwalokaha ka tsoho ya Jesu le ho nyolohela ha hae lehodimong, Modimo o ile a bulela bahalaledi ba Kereke ya pele ba ileng ba fellwa ke tshepo mmusong wa lehodimo ha Jesu a thakgiswa, mme feela jwalokaha Jesu a bontshitse Petrose, ya neng a sa tshwasa letho bosiu bohle, mohlolo o hlahang ha re etsa seo a se buileng, le kajeno, mantswe a Kreste Ahnsahnghong, "Evangeli e tla bolelwa lefatsheng lohle," e tla phethahala ka sebele.
“Morena, ako ntsebise pheletso ya ka, le bolelele ba matsatsi a ka; a nke ke tsebe hore na bophelo ba ka bo feta kapele hakaakang! Jwale, Morena, ekaba ke sa lebeletseng? Tshepo ya ka e ho wena. Dipesaleme 39:4–7
Empa ya tla tiisetsa ho fihlela qetellong, yena o tla pholoswa. Molaetsa ona o molemo wa Mmuso o tla phatlalatswa lefatsheng lohle, e le bopaki ho ditjhaba tsohle, mme ebe jwale ho tla bofelo.” Mattheu 24:13–14
119 Bundang P.O.Box, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of KOREA
Tel 031-738-5999 Fax 031-738-5998
Head Office: 50, Sunae-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
Main Church: 35, Pangyoyeok-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
ⓒ World Mission Society Church of God. All rights reserved. Privacy Policy