Joshua le Kalebe ba ne ba ena le tumelo e tiileng tshepisong ya Modimo. Le hoja ho ne ho na le dinatla Kanana eo Modimo a neng a e tshepisitse, Joshua le Kalebe ba ne ba kgodisehile hore Modimo o tla ba fa yona. Jwaloka Kalebe ya sa kang a dikadika ho ya hapa naha e tshepisitsweng esita le ha a le dilemo tse 85, mehleng ena, re lokela ho lebella lehodimo ka tumelo e tshwanang le ya Joshua le Kalebe.
Feela jwalokaha Modimo a ne a ena le Joshua le Kalebe leetong lohle la bona la ho ya Kanana, kajeno, re ka utlwa hore Kreste Ahnsahnghong le Modimo Mme ba dula Ba bula tsela ya hore evangeli ya Kereke ya Modimo e tswele pele lefatsheng ka bophara.
“. . . ruri le ke ke la finyella naheng eo ke hlapantseng hore ke tla le ahisa ho yona, haese Kalebe, mora wa Jefune, le Joshua, mora wa Nune.”
Numere 14:30
Hoba Moshe, mohlanka wa Morena, a shwe, Morena a bua ho Joshua, mora wa Nune, lehlahana la Moshe, a re:
“. . . Tsoha molota, o be sebete, hobane ke wena ya tla arolela setjhaba sena naha eo ke neng ke hlapanyetse bo-ntata sona hore ke tla se nea yona e le lefa la sona . . .
hobane Morena Modimo wa hao, o na le wena hohle moo o yang teng.”
Joshua 1: 1-9
119 Bundang P.O.Box, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of KOREA
Tel 031-738-5999 Fax 031-738-5998
Head Office: 50, Sunae-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
Main Church: 35, Pangyoyeok-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
ⓒ World Mission Society Church of God. All rights reserved. Privacy Policy