Morena Asa le Morena Josafata ba ile ba boloka ditaelo le molao wa Modimo ka botshepehi, ba qhaqha setshwantsho se seng le se seng sa medimo, mme ba busa batho ba bona le mebuso ya bona ka kgodiseho e sa thekeseleng ya hore dintho tsohle di tla tsamaya hantle hafeela ba ena le Modimo. Ka lebaka leo, Modimo o ile a fa setjhaba sa bona kgotso, mme a se fa ditlhohonolofatso le kganya e kgaphatsehang.
Ka histori e tlalehilweng ka Bibele, Modimo o bontshitse batho tsela ya ho fumana ditlhohonolofatso tsa Hae. Ha re a lokela ho etsa sebe sa ho batla thuso ditjhabeng tse matla ha re ntse re hloleha ho batla Modimo, jwalo ka ha Asa a ile a etsa dilemong tsa hae tsa ho qetela. Hape ha re a lokela ho ikamahanya le ba etsang bobe kapa ba phehellang boiteko leha e le bofe bo tsamaisanang le bona, jwalo ka ha Josafata a entse. Ke hobane ha re lebala Modimo mme re beha tshepo ya rona ho batho le maemo a re potileng, O re amoha ditlhohonolofatso tsa Hae.
Ka kgwedi ya boraro ya selemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ya Asa, ba kgobokanela ho yena, Jerusalema. Ka yona nako eo ba nyehella Morena ka dipohwana tse makgolo a supileng le ka dikgutshwane tse dikete tse supileng, tseo ba neng ba di hapile. Ba etsa selekane sa hore ba tla sebeletsa Morena Modimo wa bo-ntata bona, ka dipelo tsohle tsa bona, le ka moya wohle wa bona. Bohle ba setjhaba sa Juda ba thabela kano eo, hobane ba ne ba ile ba e hlapanyetsa ka dipelo tsohle tsa bona; ba mmatla ka tjheseho e kgolo, mme ba mo fumana. Morena a ba nea kgotso kahohle. 2 Dikronike 15:10–15
119 Bundang P.O.Box, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of KOREA
Tel 031-738-5999 Fax 031-738-5998
Head Office: 50, Sunae-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
Main Church: 35, Pangyoyeok-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
ⓒ World Mission Society Church of God. All rights reserved. Privacy Policy