Ho mamela lentswe la Modimo ho ka kgoneha feela ka tumelo e felletseng, mme ka dipale tsa bo Gideone,
Petrose, le lenyalo la Kana, Modimo o re bontshitse mosebetsi o makatsang wa semoya o etsahalang ka ho
mamela.
Lebaka batho ba tlamehang ho furalla mehopolo ya bona mme ba mamele thato ya Modimo ka ho felletseng ke hore ka ho tshwana le leeto la Baiseraele ho tloha Egepeta ho ya Kanana, Modimo o bona bokamoso esale pele mme O re tsamaisa tseleng ya tlhohonolofatso. Ho ba mamelang, Modimo o senola diphiri tsa Hae le ho fana ka Moya o Halalelang.
“Ho tloha qalehong ke tsebisitse batho tsa ho aetela, ho tloha mehleng ya boholoholo ka ba tsebisa, ka ba tsebisa tse tla etsahala, ka re: ‘Merero ya ka e tla tiya, ke tla etsa tsohle tseo ke di ratang.’
Ke bitsa lenong le etswa botjhabela, e leng motho ya tswang naheng e hole, ke mmitsetsa ho tla phetha thato ya ka. Seo ke se boletseng ke tla se phetha, seo ke se rerileng ke tla se etsa.”
Esaya 46:10–11
119 Bundang P.O.Box, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of KOREA
Tel 031-738-5999 Fax 031-738-5998
Head Office: 50, Sunae-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
Main Church: 35, Pangyoyeok-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
ⓒ World Mission Society Church of God. All rights reserved. Privacy Policy