Haeba re kgutlela ho Modimo ka Paseka ya Selekane se Setjha, re fumana tshwarelo ya dibe
le bophelo bo sa feelang. Leha ho le jwalo, haeba mang kapa mang a sa tiiseletse selekaneng sa Modimo, Modimo o tla ba furalla; qetellong, ba tla shebana le sephetho sa masesa pelo kaha meya e mebe e ba kena feela jwalokaha e entse ho Kgosi Saule le Judase Iskariota.
Ha Kgosi Hesekiya a ile a romela maqosa ho phatlalatsa, “Bolokang Paseka mme le kgutlele ho Modimo,” batho ho Iseraele e Leboya ba ile ba a tsheha le ho a soma. Qetellong, batho bana ba ile ba timetswa. Batho kajeno ba arabang ka mokgwa o jwalo, ba tla shebana le pheletso e tshwanang le ya batho ba Iseraele e Leboya.
Le hoja ho na le dikereke tse ngata lefatsheng, kereke eo feela e bolokang Paseka,
eo e leng tshepiso ya Modimo, e ka bolelwa ho ba e kgutletse ho Modimo mme e le kereke
e hlohonolofaditsweng moo Modimo a nang le bona.
Hesekiya a romela molaetsa ho Baiseraele bohle, le setjhaba sa Juda, a ba a ngolla le ba morabe wa Efraime le wa Manase, a ba memela hore ba tle Tempeleng ya Morena, Jerusalema, ho tla etsetsa Morena Modimo wa Iseraele, mokete wa Paseka . . . “Lona bana ba Iseraele, Kgutlelang ho Morena Modimo wa Aborahama, Isaka, le Iseraele.” II Dikronike 30: 1-6
119 Bundang P.O.Box, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of KOREA
Tel 031-738-5999 Fax 031-738-5998
Head Office: 50, Sunae-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
Main Church: 35, Pangyoyeok-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
ⓒ World Mission Society Church of God. All rights reserved. Privacy Policy