Ha re phela bophelo ba ho mamela molao wa Modimo, ditlhohonolofatso tse ngata di dula di re boloketse. Ka lebaka lena, kahara mekete eo Modimo a e thehileng ho tloha mehleng ya Ntate—jwaloka Sabatha le Paseka—kamehla ho na le taelo e reng, “Le se ke la lebala, empa le hopole le ho di boloka ka ho sa feleng.”
Bibele e re ba bolokang molao wa Modimo ka dinako tsohle ba tla hlohonolofatswa e le ba lokileng, mme ba tlolang molao wa Modimo ba tla ahlolelwa borabele. Lebaka leo Baiseraele ba ileng ba iswa botlamuweng Babilona ka lona e ne e le phello ya ho se boloke molao wa Modimo.
Ha re a ka ra mamela lentswe la Morena Modimo wa rona, ra tsamaya ka melao ya hae, eo a re beetseng yona ka bahlanka ba hae, baporofeta. Baiseraele bohle ba tlotse molao wa hao, ba o kgeloha, ba se ke ba o mamela. “Ka baka leo, dithohako le dikahlolo tse hlapanyeditsweng, tse ngotsweng Molaong wa Moshe, mohlanka wa Modimo, di re wetse hodimo, hobane re o sitetswe. Daniele 9:10–11
ya mamelang ditaelo tsa ka, melao ya ka a e boloka ka botshepehi; ya jwalo o lokile, ke yena ya tla phela, ho rialo Morena Modimo. Esekiele 18:9
119 Bundang P.O.Box, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of KOREA
Tel 031-738-5999 Fax 031-738-5998
Head Office: 50, Sunae-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
Main Church: 35, Pangyoyeok-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
ⓒ World Mission Society Church of God. All rights reserved. Privacy Policy