Jwalokaha lengeloi Lusifa le
kgosi ya Tire, ba neng ba le
boemong bo tlotlahadi lehodimong,
ba ile ba eka Modimo ka baka la
boikgohomoso ba bona, ba batla ho
iphahamisa ho ba kahodima Modimo,
batho bohle ba entseng sebe lehodimong
mme ba theohela lefatsheng lena, mme
ba ne ba reretswe kotlo diheleng.
Leha ho le jwalo, Modimo ka Sebele O bile
sehlabelo sa nyehelo ya sebe tshebeletsong
tsohle tsa thapelo mme A re fa tshwarelo ya
dibe.
Ka dilemo tse ka bang 1,500 ho
tloha mehleng ya Moshe ho fihlela
mehleng ya Jesu, Modimo o re
dumelletse ho fumana tshwarelo ya dibe
ka madi a sehlabelo sa diphoofolo tse
tona le tse tshehadi ka letsatsi la
Sabatha, le moketeng o mong le o mong.
Ka selekane sa kgale Modimo o re tsebisa
sehlabelo le lerato la Modimo Mme eo e
leng sebele sa selekane se setjha, mme
O re bontsha sehlabelo sa Kreste
Ahnsahnghong, ya tsholotseng madi a
Hae sefapanong e le bopaki ba
lerato la Hae bakeng sa batho.
“Monna ya hlwekileng o tla bokella
molora wa sethole, a o qhalle kantle
ho diahelo, sebakeng se hlwekileng.
Molora oo o tla bolokelwa ho sebediswa
ke setjhaba sa bana ba Iseraele,
ha se lokisa metsi a ho itlhwekisa.
Ke nyehelo e tlosang sebe.”
Numere 19:9
“ ‘Haeba e mong a etsa sebe e se
ka morero, o tla nyehela ka podi e
tshehadi, e nang le selemo,
e le nyehelo e tlosang sebe.’ ”
Numere 15:27
Morena o bua tjena:
“Le kae lengolo leo ke hladileng
mmao ka lona, leo ke neng ke mo
leleke ka lona? Ke o rekisitse ho mang,
ho lefa molato wa ka? Le ile la rekiswa
ka baka la bokgopo ba lona, mma lona
a lelekwa ka baka la ditshito tsa lona.”
Esaya 50:1
119 Bundang P.O.Box, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of KOREA
Tel 031-738-5999 Fax 031-738-5998
Head Office: 50, Sunae-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
Main Church: 35, Pangyoyeok-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
ⓒ World Mission Society Church of God. All rights reserved. Privacy Policy