Modimo o beile letsatsi la thapelo bakeng sa batho ba dumelang ho Yena.
“Hlokomela letsatsi la Sabatha, o le halaletse.” Eks 20:8
Letsatsi la Sabatha ke sesupo pakeng tsa Modimo le batho ba Hae. Ke letsatsi ha Modimo a halaletsa batho ba Hae (Ese 20:12). Kahoo, batho ba Modimo ba lokela ho boloka letsatsi la Sabatha leo Modimo a le beileng e le letsatsi la tshebeletso.
Sabatha ke letsatsi leo ka lona Modimo a bopileng mahodimo le lefatshe ka matsatsi a tsheletseng, mme ka letsatsi la bosupa a phomola. (Gen 2:3) Sabatha ya letsatsi la bosupa ke sehopotso sa matla a Modimo a popo. Na letsatsi la bosupa ke letsatsi lefe la beke? Sontaha: letsatsi la pele la beke Moqebelo: letsatsi la bosupa la beke Bukantswe di re hatisitse letsatsi la bosupa ke Moqebelo. Ha re bona khalendara, Sabatha sa letsatsi la bosupa ke Moqebelo. Bibele e re Jesu o tsohile bafung ka letsatsi la pele la beke. (Mar 16:9)
Bakeng sa temana e tshwanang, Bibele ya Good News e re Jesu o tsohile bafung ka Sontaha. (Mar 16:9)
Sabatha ke letsatsi lefe la beke? Sabatha ke Moqebelo. Dibuka tsa Katholike di boetse di paka hore letsatsi la Sabatha ke Moqebelo.
“Mangolo a tiisa ho keteka ha bodumedi ha Moqebelo, letsatsi leo re sa kang ra le halaletsa le kamohla.”
“Lentswe Sabatha le bolela phomolo, mme Moqebelo ke letsatsi la bosupa la beke.”
Jesu le yena, O ne A rapela ka Sabatha [Moqebelo].
“[Jesu] A . . . mme ho ya ka tlwaelo ya hae a kena ka tlung ya thapelo ka tsatsi la Sabatha [Moqebelo] . . .” Luk 4:16
Kamora hore Jesu a nyolohele lehodimong, Moapostola Paulosi le yena o ile a rapela ka letsatsi la Sabatha [Moqebelo].
“Ho ya ka tlwaelo ya hae, Paulosi a kena ho bona, mme ka Disabatha tse tharo a buisana le bona ka tsa Mangolo . . .” Dik 17:2
Jesu le barutuwa ba Hae ba bolokile letsatsi la Sabatha [Moqebelo], Batho ba Modimo ba lokela ho boloka letsatsi la Sabatha [Moqebelo] leo Modimo a le beileng. Setjhaba sa Tsamaiso ya Evangeli Lefatsheng ka Bophara Kereke ya Modimo e boloka Sabatha sa letsatsi la bosupa se beilweng ke Modimo.
119 Bundang P.O.Box, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of KOREA
Tel 031-738-5999 Fax 031-738-5998
Head Office: 50, Sunae-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
Main Church: 35, Pangyoyeok-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
ⓒ World Mission Society Church of God. All rights reserved. Privacy Policy