Batho ba nahana hore qetello ya bophelo ba bona lefatsheng lena ke qetello ya ntho e nngwe le e nngwe, empa mahodimo le dihele di teng, mme ha bophelo ba bona lefatsheng la mahlakore a mararo bo fela, kaofela ba tla kgutlela lefatsheng la bona la pele .Jesu o ile a jara dibe tsa batho sefapanong mme a theha selekane se setjha e le hore a nke bana ba Hae ba ratoang a ba ise mahodimong, eseng diheleng , sebakeng sa kotlo.
Dihele, jwalo ka ha ho hlalositsoe ka Bibeleng, ke sebaka sa mahlomola a maholo. Ke ka lebaka leo Kreste Ahnsahnghong le Modimo 'Mme ba tsebisitseng selekane se setjha hape, ba fa moloko wa batho monyetla wa ho thabela kganya e sa feleng 'Musong wa Mahodimo.
Mme jwalokaha ho laetswe hoba batho bohle ba shwe hang, ho ntoo ba kahlolo; . . . Baheberu 9:27
Mme Diabolose ya ba kgelositseng a akgelwa letsheng la mollo le sebabole, moo ho seng ho le sebata le moporofeta wa bohata, mme ba tla hlokofatswa motshehare le bosiu, ka ho sa feleng. . . . e mong le e mong a ntoo ahlolwa ka mesebetsi ya hae. Lefu le lebitla tsa akgelwa letsheng la mollo; ke lona lefu la bobedi. Tshenelo 20:10–14
119 Bundang P.O.Box, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of KOREA
Tel 031-738-5999 Fax 031-738-5998
Head Office: 50, Sunae-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
Main Church: 35, Pangyoyeok-ro, Bundang-gu, Seongnam-si, Gyeonggi-do, Rep. of Korea
ⓒ World Mission Society Church of God. All rights reserved. Privacy Policy